MATSHWAO: 120
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 15.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE:
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO 
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO 
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO 
KAROLO YA D: DINGOLWA 
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
E nngwe ya ditshebeletso tsa kgokahano tse nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng ke thelevishene. Boholo ba batho bo sebedisa tshebeletso ena ya thelevishene ho iphumanela tlhahisoleseding le ditaba tse ba hokahanyang le lefatshe. Ke e nngwe ya ditshebeletso tse matla ka ho fetisisa, e fanang le ka boithabiso ka nqa e nngwe.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi tsa thelevishene di tshwanela hore e be batho ba nang le boitshepo bo boholo, mme di lokela ho boheha ka nako tsohle. Mananeo a ratwang haholo thelevisheneng ke a ditshwantshiso. O ka qaboha ha o dutse le motho ya ratang tshwantshiso e itseng haholo. Ha o re o a mo qoqisa, o tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho. Helang, ha e sa le ho eba le dipapadi tsa dividiyo kapa tsa khomphutha, ba bang ba bana le baithuti ha ba sa tsotella hakaalo mesebetsi ya bona ya sekolo. Ke ho re motho ha a fihla lapeng, o se a le ho tsona, le dijo a se a sa di hopole.
Homme ditefello tsa tsona ha di jese ditheohelang. Di theko e phahameng, mme le ha ho le jwalo ba di reka ba sa tswa di reka. Akere jwale bonkeka ba di tlwaela kapele, ebe hosane ha ba sa batla ena hobane ba se ba e tseba haholo. Di mefuta e fapaneng. Ho teng tsa thuto ya Senyesemane, Mmetse le tsa Saense. Ho teng tsa dintwa tse tshabehang. Ho be teng tsa marato le tsa dipapadi.
Bahlahisi ba tsona ba kgothaletswa ho eletsa bareki ka sekgahla sa tsona. Ho bolelwa hore ke tsa mofuta ofe, di loketse bomang, ba dilemo dife. A re di etseng mohatla kgwiti. Tsena tsohle ke tse tlisitsweng ka sekgahla ke diphetoho tsa thekenoloji ho tsena tsa dikgokahano.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya puo, MG Molefe et al. 2007:142 - 143
DIPOTSO:
Bolela mofuta wa tshebeletso ya kgokahano eo ho buuwang ka yona mona temeng.
Hobaneng ha batho ba bangata ba sebedisa thelevishene?
Bolela diketso tse PEDI tse sa thabiseng batswadi tse etswang ke baithuti ha ba tswa sekolong.
Batsamaisi ba mananeo le dibohodi di kgothaletswa ho etsa eng? Fana ka ntlha e le NNGWE.
Bolela hore polelo e latelang ke nnete kapa mafosi ho ya ka ditaba tsa tema:
Batho ba rata ho shebella lenaneo la ditshwantshiso feela thelevisheneng.
Tshehetsa karabo ya hao e ho POTSO 1.5.1 (e ka hodimo) ka lebaka.
Hobaneng ha batsamaisi ba mananeo le dibohodi di lokela ho dula di boheha ka nako tsohle?
Polelo ke ena: 'O tla bona a tonetse lebokoso mahlo, le ho utlwa a sa utlwe letho.'
Ke lebaka lefe le etsang hore batho ba bang ba etse ketso e bolelwang polelong ee?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na kgokahano ya seyalemoya kapa ya thelevishene e matla ho feta ya ho ka ipalla ditaba dibukeng kapa dikoranteng? Hobaneng ha o realo.
Na o dumellana kapa o hanana le ho re bana ba se dumellwe ho shebella dividiyo tse itseng ka lebaka la dilemo tsa bona tse tlase? Fana ka ntlha e le NNGWE e tshehetsang taba ena ho ya ka tjhebo ya hao.
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Papatso
HO SE HO LE TENG TSELA E BOBEBE YA HO OTLOLLA MORIRI
Ba ha PRINCIPAL HAIR DESIGN ba tseba ditlhoko tsa HAO tse ikgethang tsa moriri. Ho bona o ikgethile. Le dihlahiswa tsa bona tsa moriri di ikgethile jwalo feela. Ikgethele PRINCIPAL SODIUM HAIR RELAXERS e dumellanang le moriri wa hao, mme o be motlotlo ka moriri wa hao o bohehang, o phatsimang le ho hlokomeleha ka ho phethahala.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona wa Pherekgong 2008
DIPOTSO:
Sehlahiswa se bapatswang temeng e ka hodimo se hlahiswa ke khampane efe?
Bolela molemo o le mong wa ho sebedisa sehlahiswa sena.
Papatso ee e reretswe batho bafe setjhabeng?
Fana ka lebaka bakeng sa karabo ya hao e ho POTSO 1.10.3.
Hobaneng ha lentswe lee 'ikgetha' le sebedisitswe ha ngata tjee papatsong e ka hodimo?
Ke mefuta e mekae ya sehlahiswa see e hlahellang papatsong?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 50 ho isa ho a 60 ka dintlha tse SUPILENG tse fupereng mehopolo ya sehlooho e hlalosang ka tshebetso ya keretjhe. Ngola ka mokgwa wa dintlha. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Dilemo tsa ho kena keretjhe, ke nako ya bohlokwa bophelong ba ngwana. Ngwana ha a fihla dilemong tse 6, o se a na le boholo ba bohlale bo hlokehang. Ke nakong ena moo ho ahuwang motheo o nepahetseng thutong ya ngwana. Bana ba lokela ho rutwa boitshwaro bo botle le boikarabelo.
Ba fumana thuto ha ba le sebakeng se etsang hore ba sebedise dikelello. Ke mona keretjheng moo ba lokelang ho ithuta ka papadi. Ba lokela ho thabela ho ba sebakeng sena. Sena se etsahala ha bonolo ha matitjhere, le bana ba bang e le metswalle ya bona. Moya wa lerato, kutlwano le tshepano o tlameha ho ba teng.
Ka ha sebaka seo ba rutelwang ho sona e le sa bohlokwa, keretjhe ha e bulwe hohle. E lokela ho ba sebakeng se siretsehileng. Polokeho ya bana le bahlokomedi ba bona ke ntho ya bohlokwa. Ntle le moo, keretjhe e lokela ho ba sebakeng se kgutsitseng. Hape sebaka seo e be seo batswadi le bana ba ka fihlang ha bonolo ho sona.
Motho ya qalang keretjhe o lokela ho fumana dikeletso. A tsebe hore thuto ya bana e tsamaiswa jwang le mofuta wa matitjhere o lokelang bana ba dilemo tseo. Hape a tsebe hore a sebedise tjhelete jwang. Re lokela ho hopola hore keretjhe ha se sekolo feela ebile ke kgwebo.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona, Pherekgong 2008
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Bala tema e latelang ka kutlwisiso le ka hloko o nto araba dipotso tsa thutapuo tsohle tse thehilweng hodima yona.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo a boela a nahana ka thata ka bana bana ba hae bao a setseng ka bona. ''Ke nnete Sebabatso le Paseka ke bana ba basetsana bao ka letsatsi le leng ba tla beng ba nyetswe ke batho. Ebe ha ho ka etsahala hore ba hlolwe ke lenyalo, ba tla phela jwang ha e le mo ke hloleha ho ba ruta? Ha e le Lethoko le Teboho bona hohang ba ne ba lokelwa ke ho rutwa haholo hoja ke ne ke e na le bohona. Banna! Ha o tshaba o tshabe tshotleho. Dintho tsa rona le masimo a rona tsa tla tsa nkuwa ka sehloho. Jwale kajeno re fetohile makgoba lefatsheng la bontatarona. Letsatsi le letsatsi ke tsamaya ke apere diaparo tse malabulabu jwalo ka ha eka ha ke sebetse. Butle, ke utlwang! Ke leswahlaswahla la eng leo? Jwale le ho ba lefifi ho se ho le lefifi, motho ha o sa bona hantle. Ere ke hoeletse. Molelekeng! Molelekeng! Ke nna bo!''
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Ke tlile ke le feela: ME Molahlehi 2006 leq 3
Bala dipolelo tse latelang, o ntano fana ka malatodi a mantswe a ntshofaditsweng.
Ha a ntse a nyoloha thaba jwalo, a boela a nahana ka thata.
Masea a rata lefifi.
Temeng e ka hodimo ho na le mantswe a nang le moelelo o tshwanang (mahlalosonngwe) le a ntshofaditsweng dipolelong tse tla latela: Ngola mahlalosonngwe a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong. Ngola karabo feela.
Ke apere diaparo tse marantha.
Ba tla phela jwang ha e le moo ke sitwa ho ba ruta?
Sebabatso le Paseka ke banana.
Tlatsa dikgeo ka mahokedi a nepahetseng.
Lethoko ... lokela ke ho ruteha.
Baradi ... hae ke Sebabatso le Paseka.
O apara malabulabu ka lebaka ... ho hloka diaparo.
Jwale ba fetohile makgoba ... lefatshe.
Polelo ena: 'Ba tla be ba nyetswe ke batho', e boetsuweng. Fetolela dipolelo tsena boetsuweng. Qala polelo e nngwe le nngwe ka mantswe ao o a filweng.
Makgoba a apere diaparo tse malabulabu.
Diaparo ...
Batho ba tshaba tshotleho.
Tshotleho ...
Lentswe lena 'bona' polelong ena ''Lethoko le Teboho bona ba lokela ho rutwa motho o sa bona hantle tjena'' le sebedisitswe ka ditsela tse pedi tse hlahisang meelelo e mmedi e fapaneng. Sebedisa lentswe lena 'rona' dipolelong tsa hao tse pedi tse fapaneng ho totobatsa meelelo e mmedi e sa tshwaneng.
rona rona
Fana ka botona ba lentswe 'basetsana'.
Mohlala: Re fetohile makgoba lefatsheng la bontate
Re fetohile makgoba lefatsheng la bomme.
Polelo ena: 'Ha ke sebetse', e kganyetsong/tatolong. Jwale fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Ke nna bo!
Basetsana ba tla be ba nyetswe.
Ngola dipolelo tse latelang hape empa o lokise sebopeho sa lentswe le ka masakaneng ho etsa hore moelelo o nepahale:
Lethoko le Teboho ba lokela ho (ruta) haholo.
Dintho tsa rona tsa (nka) ka sehloho.
Kajeno re (fetola) makgoba fatsheng labo rona.
Ngola polelo ena e le sebopehong sa puopehelo.
Qala polelo ya hao tjena:
Ntate ...
Boha setshwantsho sena o onto araba dipotso tse tla botswa hodima sona.
E qotsitswe ho tswa makasineng wa Bona, Mphalane 2006
Difahleho tsa batho ba ditshwantshong tse pedi tse qalang di supa maikutlo afe?
Ke ka lebaka lang ha baithuti ba lelekisa Shoti?
Lebaka le etsang seo o se boletseng karabong e ka hodimo ho POTSO ya 3.10.2 ke lefe?
Setshwantshong sa ho qetela Shoti o re: 'Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Ebe o bolelang ka ho realo?
Ke ka lebaka la eng ha ho sebedisitswe letshwao la makalo dipolelong tse ding?
Halala, ke ne ke o kala kelello! Bohle re Maafrika Borwa a motlotlo! Katleho le mahlohonolo dit hutong tsa hao.
Ba reng?
O lehata la tswalo. Kaofela re itse Afrika Borwa!
Ke ba botsitse hore ke efe naha eo ditlhodisano tsa makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe o tiang ho tshwarelwa ho yona?
POTSO YA 4
Bala tema ena e be o e ngola hape empa o se o lokisitse diphoso tsohle tse hlahellang ho yona, tse jwalo ka matshwao a puo, tshebediso e fosahetseng ya puo le mopeleto.
Ka lehlakoreng la banna, Maredi le yena o ne a etsa jwalo. everyday.
Mooki ya disitseng bosiu o ne a tseba hore Maipato a ka hlwedisa!
Maipato e ne e le modumedi wa sebele wa kereke e khatoloki.
Bosiung bo bong mookgo o ne a iballa khomiki a kgaleha.
Maipato a fihla mme Mookgo a phaphama Maipato a eme pela hae.
A etsa sefapano phatleng jwaloka motho ya neng a rapela
Bala tema ena e latelang ka hloko, e be o araba dipotso tse itshetlehileng kutlwisisong ya hao ya yona.
Nako: Hora ya bobedi
Letsatsi: 4 Motsheanong 2009
Lenanetsamaiso:
Pulo
Ba teng/Ditshwarelo
Tsa letsatsi
Ho hlwekisa motse
Ho kgaoha ha motlakase
Mofuta oo wa tema o ngollwa batho ka sepheo sefe?
Ka tlwaelo memo e tjena e ngolwa ke mang?
Dintlheng tse tsebisang baahi ka kopano ke ntlha efe ya bohlokwa e sa ngolwang memong?
Kgetha karabo e nepahetseng ho tse latelang potsong ena.
Ha ho thwe kopano ke ya tshohanyetso ho bolelwa ho re ke:
Kopano e tshosang baahi.
Kopano e bitsitsweng ka potlako.
Kopano e kgothatsang baahi.
Lentswe lee 'ditshwarelo' le bolela eng?
Ebe mokgwa oo wa ho tsebisa baahi ka tsela ee o lokile? Fana ka lebaka.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
KAROLO YA D: DINGOLWA
Dipotso tsohle tsa KAROLO YA D di theilwe hodima buka e le nngwe. Ho botsitswe dipotso tse pedi empa o lokela ho araba e le NNGWE feela. Kgetha POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
ELA HLOKO:
Ha o kgetha potso e itseng, araba dipotswana tsa yona KA BOBEDI.
Mohlala: Haeba o kgetha ho araba POTSO YA 5, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 5.1 le ho 5.2 ka bobedi. Athe ha o kgetha ho araba POTSO YA 6, o lokela ho araba dipotswana tse hlahang ho 6.1 le ho 6.2 ka bobedi.
POTSO YA 5
Bala qotso ena, mme e be o araba dipotso tse e latelang.
NALENG TSA PHAKWE
Holenyana mona ka fumana monyetla wa ho qamaka le ho ikgodisa ka se neng se etsahala. Batho ba bang mona ba ne ba le bafubedi ba re tlere! ke madi. Ba ne ba ntshitswe kotsi ke terata e neng e kampetse seporo sa terene ka thoko. E ne e le terata e hoketsweng makapanyana a neng a shebahala jwalo ka mahare a bohale. Le nna ka qala ho itekola. Tsohle ho nna di ne di ntse di le maemong a nepahetseng. Ka mpa ka lokela ho phutlaphutla diphahlo tsa ka ka sakatuku feela ho tlosa lerole. Bonnete ke ne ke ipona ke le lehlohonolo ha e le mona ke sa ka ka tswa kotsi. Ka pelong ke leboha ha mokganni a ile a emisa terene ka nako eo ho neng ho etsahala tsena. Mahlo a ka a nna a ya le terene ena empa a se thulane le letho le tjhang. Le bapalami ba ka ntle ba nna ba kgutlela ka hare hape. Le ha ke ne ke belaela, ka iphumana ke kgutletse ka hare ho yona terene ena.
Mophetwa ya phetang ditaba tsena ke mang?
Ketsahalo ena eo re balang ka yona palekgutshweng ena e ne e etsahale tikolohong (sebakeng) ya ...
mahaeng.
ditoropong.
mapolasing.
mahaeng le ditoropong.
Mophetwa enwa o ne a leba kae ha ho etsahala moferefere oo?
Moferefere ona o bakilwe ke eng hantlentle?
Lebitso la palekgutshwe ena ke ''Naleng tsa phakwe!'' Hlalosa moelelo wa sehlooho sena o ipapisitse le ditaba tsa palekgutshwe ena.
Bala qotso ena mme o arabe dipotso tse e latelang.
MPHO E MAKATSANG
Tlaleho a kgutlela lapeng mantsiboya. A fumana Teboho a kakalletse moalong moo a bileng a ntse a itjella dipompong. A bitsetsa Teboho ka phaposing e nngwe. Ha Teboho a kena, a mmolella hore o rata ho lekola mosebetsi wa hae wa sekolo mme a tlise dibuka kaofela ha tsona. Teboho a fela a di tlisa. Dibuka tsena di ne di qetetse ho tshwauwa nako e ka bang kgwedi jwale. A sheba Teboho nakwana a nto mmotsa hore na o ne a qetele neng ho ya sekolong. Teboho a mo araba ka ho re o qetetse ka lona lena letsatsi. Tlaleho a ema mme a tswa.
Tlaleho o ne a thusana le mosuwe ofe ho rarolla bothata ba Teboho ba ho se ye sekolong?
Ke leqheka lefe leo Tlaleho a ileng a le sebedisa ho etsa hore Teboho a etse mosebetsi wa hae wa sekolo?
Hobaneng Tlaleho a ne a bitsetsa Teboho ka phaposing e nngwe?
E ne e se e le nako e kae Teboho a qadile botlokotsebe boo ba ho se ye sekolong?
Ke eng seo mongodi a o rutang sona ho ya ka kutlwisiso ya hao ya palekgutshwe ee?
KAPA
POTSO YA 6
Bala qotso ena mme o arabe dipotso tse e latelang.
HOBANENG MME?
Motjhothjisi: ''Molahlehi Ponto, na lengolo leeke leo o neng o bua ka lona?''
Molahlehi: ''Ee, ke lona ka sebele.''
Motjhotjhisi: ''Na o fela o bua nnete? Le shebisise.''
Molahlehi o a le shebisisa: ''Ee, ke lona.''
Motjhothjisi: ''Lengolo lena ha se la hao. Ke la Jacob Patsi.''
Molahlehi ka boikokobetso: ''Jacob ke lebitso la ka la kereke. Ha Patsi e le sefane sa mme ya ntswalang. Ka nnete ke lengolo la ka leo. Sena sa ha Ponto ke sa ntate ya ileng a nyala mme ha nna ke ne ke se ke hlahile. Ntate wa madi ha ke mo tsebe.''
Molahlehi o qosetswa molato ofe?
Bopaki boo mmuso o neng o na le bona kgahlanong le Molahlehi ke bofe?
Lekgotla le ne le rera ho kgutlisetsa Molahlehi naheng efe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na ditaba tsa palekgutshwe ena di dumellana le sehlooho 'Hobaneng, mme'? Hlalosa karabo ya hao.
Qetellong kahlolo ya lekgotla e bile efe?
Bala ditaba tse latelang ebe o araba dipotso.
SELLO LE BOPHELO
Ha nako e fihla a kgutlela lapeng. Mona teng a fumana mosadi a se a boetse a kula. Sello o ile a sulafallwa ke tsohle ka mona ka tlong ha a elellwa hore Ntswaki o a kula. A sheba Ntswaki nakwana mme ha a qeta a nka lebanta le lelelele. Lebanta lena a tswa ka lona a se a bina sefela se reng, haufi le Morena. A ba a potela ka mora ntlo.
Morero wa Sello ka lebanta leo e ne e le ofe?
Na morero oo wa hae o ile wa phethahala? Fana ka lebaka le netefatsang karabo ya hao?
Mathata a hae a ne a bakwa ke eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya palekgutshwe ee, ke eng seo mongodi a o rutang sona? Hlalosa karabo ya hao ho ya ka ditaba tsa palekgutshwe ena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
